O Amohelehile

OpenOffice.org 2.0 Mpale

Bakeng sa tsa moraho-rao faeleng ena ya readme, bona http://www.openoffice.org/elcome/readme.html

Mosebedisi ya Ratehang

Faele ena e nale tlhahisoleseding e bohlokwa. Ka kopo bala tlhahisoleseding ena ka hloko haholo pele o qala ho sebetsa.

Setjhaba sa OpenOffice.org, se ikarabellang ka tswetsopele ya setlhahiswa sena, se rata ho o mema hore o nke karolo jwale ka leloko la setjhaba. Jwale ka mosebedisi ya motjha, o ka lekola saete ya OpenOffice.org e nang le tlhahisoleseding e nang le thuso ho

http://www.openoffice.org/about_us/introduction.html

Bala hape dikarolo tse leng ka tlase mabapi le ho kenya letsoho projekeng ya OpenOffice.org.

Dintlha ka ha ho Kenya

Ditlhoko tsa Motjhene:

Mathata a ho qala OpenOffice.org (ka mohlala, ditshebediso tse emisang ho sebetsa) hammoho le mathata a ho bonahatswa ha sekirini hangata a bakwa ke mokganni wa karata ya ditshwantsho. Haeba mathata ana a tlhaha, ka kopo lokisa mokganni wa hao wa karata ya ditshwantsho kapa leka ho sebedisa mokganni wa ditshwantsho o tlisitsweng le motjhene wa hao wa ho sebetsa. Mathata a ho bonahatsa disebediswa tsa 3D hangata a ka rarollwa ka ho etsa hore kgetho ya "Sebedisa OpenGL" ka tlasa 'Dithulusi - Ditlhopho - Lebelela - ho lebelela ha 3D' e seke ya sebetsa.

O ka kenya OpenOffice.org 2.0 haufi le tokollo ya kgale ya OpenOffice.org. Haeba kamorao o kgetha go ntsha tokollo ya kgale ya OpenOffice.org, o tshwanetse ho bitsa lenaneo la ho kenya la tokollo e ntjha mme o kgethe 'Lokisa'. Sena se tiisetsa hore tokollo e ntjha e ngodisitswe hantle motjheneng wa hao.

Ka kopo tiisetsa hore o nale kgopolo e lekaneng e se nang selo tshupetsong ya nakwana motjheneng wa hao o balang, ngolang me o sebedise ditokelo tsa ho tsena tse filweng. Kwala mananeo a mang kaofela pele o qala ho kenya.

Mathata Nakong ya ho Qalisa lenaneo ho Gnome

Haeba o fumana mathata a ho qadisa OpenOffice.org (haholo-holo ha o sebedisa Gnome) ka kopo 'unset' ho feto-fetoha tikolohong ho SESSION_MANAGER ka hara kgetla eo o e sebedisang ho qadisa OpenOffice.org. Sena se ka etswa ka ho eketsa mola "unset SESSION_MANAGER" ho fitlha qalong ya mohatiso wa shele ya sofaese e fumanwang ka hara tshupiso ya "[folder ya ofisi]/program".

Ho Fetola Fonto ya Interfaisi ya Mosebedisi

Ho OpenOffice.org o ka fetola fonto e sebedisitsweng bakeng sa ho bontshwa ha sekirini le ho hatisa ka ho nka bohato ba yona ka fonto e fapaneng e kentsweng motjheneng wa hao. Sena se ka etswa ho sebediswa tshebediso ya ho nka bohato ba fonto. Kgetha 'Dithulusi - Ditlhopho - OpenOffice.org - Difonto' hore o kene lenaneng la ho nka bohato ba fonto.

Ho fetola fonto ya interfaisi ya mosebedisi ya OpenOffice.org, o tshwanetse ho nka bohato ba fonto ya tlhokokgetho "Andale Sans UI" ka fonto e nngwe mme o tshwaye ho seta ha "kamehla" bakeng sa ho nka bohato hona.

Lebisa ho Thuso ya OpenOffice.org bakeng sa tlhaloso e nang le dintlha ya puisano.

Dinotlelo tsa Tselakhutshwane

Ke dinotlelo tsa tselakhutshwane feela (dinotlelo tse kopantsweng) tse sa sebedisweng ke motjhene o sebetsang tse ka sebediswang ho OpenOffice.org. Haeba dinotlelo tse kopantsweng ho OpenOffice.org di sa sebetse ho ya kamoo ho hlalositsweng ka teng ho Thuso ya OpenOffice.org, lekola haeba tselakhutswane eo e setse e sebedisitswe ke motjhene o sebetsang. Ho lokisa dikgohlano tse jwalo, o ka fetola dinotlolo tse abetsweng ke motjhene wa hao o sebetsang. Tsela e nngwe, o ka fetola ho e ka bang senotlolo se seng le se seng se abetsweng ho OpenOffice.org. Bakeng sa tlhahisoleseding e eketsehileng tabeng ena, lebisa ho Thuso ya OpenOffice.org ka ditokomane tsa thuso tsa motjhene wa hao wa ho sebetsa.

Ho Notlela Faele

Temoso: Sebopeho sa ho notlela faele se entsweng hore se sebetse se ka baka mathata ka Solaris 2.5.1 le 2.7 tse sebediswang hammoho le Linux NFS 2.0. Haeba tikoloho ya hao ya motjhene e na le diparametere tsena, re eletsa ka ho tiileng hore o qobe ho sebedisa sebopeho sa ho notlela faele. Ho seng jwalo, OpenOffice.org e tla emisa ho sebetsa ha o leka ho bula faele ho tswa tshupetsong e bokellaneng ya NFS ho tswa khomphuteng ya Linux.

Sebedisitswe / Khoutu ya Mohlodi e Fokoditsweng

Dikarolo tsa Copyright 1998, 1999 James Clark. Dikarolo tsa Copyright 1996, 1998 Mokgatlo wa Dipuisano wa Netscape.

Kenya letsoho

Setjhaba sa OpenOffice.org se tla rua molemo haholo ka ho nka karolo ha hao tswetsopeleng ya projeke ena ya bohlokwa ya open source.

Jwale ka mosebedisi, o setse o le karolo ya bohlokwa ya tsamaiso ya tswetsopele ya suite e bile re tla rata ho o kgothalletsa hore o nke karolo ka pono ya ho ba mokenya-letsoho wa nako e telele setjhabeng. Ka kopo kenela le ho lekola leqephe la mosebedisi ho: http://www.openoffice.org

Ho ingodisa

Ka kopo nka nako e nnyane hore o tlatse tsamaiso e nnyane ya Ngodiso ya Sehlahiswa ha o kenya lenaneo la khomphutara. Leha ho ingodisa e le ha boikgethelo, re ho kgothalletsa hore o ingodise, ka ha tlhahisoleseding e kgontsha setjhaba ho etsa lenaneo la khomphutara le betere le aterese tseo mosebedisi a di hlokang ka ho toba. Ka Pholisi ya sona ya Lekunutu, Setjhaba sa OpenOffice.org se hlokometse le ho sireletsa tsebiso ya hao ya botho. Haeba o fetile ho ingodisa ha o kenya lenaneo, o ka boela morao mme wa ingodisa nako e nngwe le e nngwe ho http://www.openoffice.org/welcome/registration-site.html

Patlisiso ya Mosebedisi

Hape ho nale Patlisiso ya Mosebedisi eo e leng mohaleng eo re ho eletsang hore o e tlatse. Dipholo tsa Patlisiso ya Mosebedisi di tla thusa OpenOffice.org hore e tsamae ka lebelo ho beng metheo e metjha bakeng sa ho hlangwa ha suite ya ofisi ya moloko o tlang. Ka Pholisi ya sona ya Lekunutu, Setjhaba sa OpenOffice.org se hlokometse le ho sireletsa tsebiso ya hao ya botho.

Tlaleha Dikokonyane & Ditaba

Saete ya Wepe ya OpenOffice.org e tshwere IssueZilla, tsela ya rona ya ho tlaleha, ho latedisisa le ho rarolla ditaba tsa dikokwanahloko. Re kgothaletsa basebedisi kaofela hore ba ikutlwe ba tshwaneleha le ho amoheleha ho tlaleha ditaba tseo di ka hlahellang sethalleng se itseng. Ho tlaleha ka matla ditaba ke e nngwe ya dintho tse kenyang letsoho tseo setjhaba sa basebedisi se ka di etsang ho tswetsopele e tswelang pele le ntlafatso ya lenaneo.

Ingodise

Ke ana mathathama a se makae a thomelo a projeke ao o ka ingodisang ho ona http://www.openoffice.org/mail_list.html

Kenela Projeke e le nngwe kapa tse eketsehileng

O ka kenya letsoho projekeng ena ya bohlokwa ya open source le haeba o na le tlhamo e lekanyeditsweng ya lenaneo la khomphuthara kapa phihlelo ya dikhoutu. E, wena!

Ho http://projects.openoffice.org/index.html o tla fumana diprojeke tse fapaneng ho tloha ho Ho Etsa Hore Lenaneo La Khomphuta Le Sebetse Ka Lelemo La Hao, Ho Fuduhisa Lenaneo Le Leng La Khumphuta Ho Ya Ho Le Leng le Groupware go ya diprojekeng tsa nnete sa dikhoutu. Haeba o se mohlahisi, leka Projeke ya Ho Etsa Ditokomane kapa ya Thekiso. Projeke ya Thekiso ya OpenOffice.org e sebetsa ka bobedi ho mekgwa ya guerrilla le ya thekiso ya setso bakeng sa ho bapatsa open source software, mme re etsa sena re phunyelletsa marako a ditso le a dipuo, jwale o ka thusa fela ka ho phatlalatsa le ho bolella motswalle ka thepa ena ya ofisi.

O ka thusa ka ho kenela Neteweke ya Dipuisano tsa Thekiso & Tlhahisoleseding mo: http://marketing.openoffice.org/contacts.html mo o ka fanang ka puisano ya ho ikopanya le ba dikuranta, mehlodi ya ditaba, baemedi ba mmuso, ditsebi, dikolo, Dihlopha tsa Basebedisi tsa Linux le bahlahisi naheng ya heno le setjhaba sa heno.

Tshehetso ya Mosebedisi

Bakeng sa thuso ka OpenOffice.org 2.0 office suite, sheba dipolokelo bakeng sa ho fumana dipotso tse setseng di arabilwe ho lethathama la thomelo ho 'users@openoffice.org' http://www.openoffice.org/mail_list.html. Tsela e nngwe, o ka romela dipotso tsa hao ho users@openoffice.org. Hopola ho ingodisa lethathameng hore o fumane karabelo ya poso ya elektronike.

.

Tsela ya ho Qala

Tsela e betere ya ho qala ho kenya letsoho ke ho ingodisa lenaneng kapa mananeng a mangata a thomelo, o dule nakwana, ebe butle-butle o sebedise dipolokelo tsa thomelo hore o itlwaelanye le dihlooho tse ngata tse ho builweng ka tsona haesale khoutu ya mohlodi ya OpenOffice.org e ne e lokollwa morao ka October 2000. Haeba o ikutlwa o se na mathata, se o hlokang ho se etsa ke ho romela poso ya elektronike ya ho itsebahatsa e be o kena ka hare. Haeba o tlwaelane le Diprojeke tsa Open Source, ela hloko lenane la rona la Tse ka Etswang o bone ha ha na selo se o tla ratang ho thusa ka sona ho http://development.openoffice.org/todo.html.

Re tshepa hore o thabela ho sebetsa ka OpenOffice.org 2.0 e ntjha mme o tla ba le rona mohaleng.

Setjhaba sa OpenOffice.org